Tsela e ka pele e ka ba le tshitiso. Batsamaya ka maoto, dihlopha tsa pholoso, mapolesa kapa bahlanka ba sephethephethe ba ka ba sebakeng seo; masalla a dikoloi, batho ba lemetseng, diphoofolo kapa dikgalase tse robehileng di ka ba tseleng.
Fokotsa lebelo kapele mme o shebe motho ya laolang sephethephethe. Itokisetse ho ema. Ha thuso e lekaneng e se e le teng, tswela pele ha o laelwa mme o se eme feela ho shebella. Tsepamisa maikutlo tseleng e bolokehileng ya ho feta batho, dikoloi le masalla.
