Mafika a ka wela karolong ya tsela e tsamayang dikoloi ho tswa ka ho le letshehadi kapa ka ho le letona.
Kgetha lebelo le o dumellang ho ema haeba mafika a se a le tseleng kapa a wela ka pele ho wena. Pula e ka eketsa monyetla wa ho wa ha mafika le sebaka sa ho ema, kahoo tlohela sebaka se sengata ha pula e na.
